Dibuka tsa Ditshwantsho ka Sesotho
Flip, Flippie le Metswalle ke letoto la dibuka tsa ditshwantsho la thuto ya motheo le tla thabisa le ho ruta bana bohle ba Afrika Borwa. Dibuka tsena di etseditswe ho hohela bana ka ho sebedisa boinahanelo le monyaka ka ha ho ithuta e le karolo ya ho fumana boitsebelo. Bana ba ithuta ka phetapheto, thahasello le ho nka seabo. Letoto lena le hokahanya dintlhatheo tsena tsohle tsa ho ithuta mme le ratwa haholo ke basebetsi ba dilaeborari, matitjhere le batswadi.
Dihla mmoho le Flip, Flippie le Metswalle
Ho Dihla Flip o hlalosa botle le monyaka wa Dihla tse nne mme a bile a tsebisa mabitso a dikgwedi tse leshome le metso e mmedi tsa selemo ha a ntse a etsa jwalo.

Malatodi mmoho le Flip, Flippie le Metswalle
Ho Malatodi Flip o bapala papadi e nngwe le Flippie le Metswalle ya hae a ba phephetsa hore ba fumane mantswe ao e leng malatodi.
E Tlang Haufinyane:
Dintho tse tsamayang le Flip, Flippie le Metswalle
Matshwao a bohlokwa a letoto lena a kenyeletsa:
- Tjhebeho e kganyang ya pono
- Le etseditswe dihlopha tse fapaneng tsa boholo (dilemo tse 4 – 7)
- Dikahare tse kenyeletsang babadi
- Le thusa puo le ntshetsopele ya mareo
- Dipuo tse fapaneng di ka sebediswa bakeng sa ho ithuta puo ya bobedi le ya boraro ka tsela e sa tshosetseng
Tsebiso: Dibuka tsena di ka sebedisa puo ya sebaka e batlang e fapane hanyane le ya babadi ba bang.